VP044324
KOPO BAKENG SA MERERO YA TSAMAISO YA TLHOKOMELO E AMANANG LE DINETEWEKE TSE TENG TSA DIPHAEPHE TSA SASOL TSE PAROLANG GAUTENG, MPUMALANGA, LEBOYA BOPHIRIMA, LE FOREISTATA MEMO YA HO INGODISA JWALO KA BAAMEHI BA NANG LE KGAHLEHO MME BA AMEHANG LE HO NKA KAROLO SRK Consulting South Africa (Pty) Ltd (SRK) e fana ka tsebiso mona ho latela Ditaelo tsa Tekolo ya Kameho ya Tikoloho (EIA) (2014, jwalo ka ha di fetotswe) tse phatlaladitsweng ho latela Molao wa Naha wa Taolo ya Tikoloho (Molao No. 107 wa 1998, jwalo ka ha o fetotswe) (NEMA) ka kopo ya kamohelo ya Merero ya Tsamaiso ya Tlhokomelo (diMMP) e amanang le Neteweke e teng ya Diphaephe tsa Sasol e Porofenseng ya Gauteng (GP), Porofenseng ya Mpumalanga (MP), Leboya Bophirima (NW), le Foreistata (FS). TLHALOSO YA PROJEKE: Sasol e nka karolo mesebetsing e mengata ho hlokomela boemo ba neteweke ya yona ya diphaephe. Diphaephe tsena di tsamaisa gase ya methane, gase ya tlhaho, ethylene, ethane, le propylene ya mokedikedi. Neteweke ya Diphaephe ya Sasol e kenyelletsa metheo e teng, eo boholo ba neteweke ya diphaephe bo kentsweng pele ho phatlalatso ya Ditaelo tsa EIA. Tse kentsweng morao tjena, tseo ho neng ho hlokwa Ditumello tsa Tikoloho (diEA) bakeng sa tsona, di entswe ho latela diEA. Leha tlhokomelo e rerilweng e tlwaelehileng e hlokeha ho Neteweke ya Diphaephe ya Sasol, boholo ba tlhokomelo eo, hangata ha e a rerwa, ka ha Neteweke ya Diphaephe ya Sasol e tsofetse mme boholo ba yona bo tsetetswe ho e sireletsa kgahlano le phetoho ya motjheso le tshenyo. Boemo ba diphaephe bo ka senyeha. Maemong a fetelletseng, diphaephe tse senyehileng di hloka ho fetolwa. DiMMP tsena kahoo di amana le, empa ha di felle ho ho etswa ha mosebetsi o tlwaelehileng wa tekolo ya diphaephe ho netefatsa dintlha tsa tsona, e leng se tla kenya letsoho ketsong ya diqeto mabapi le ditokiso tse ka hlokehang le tlhokahalo ya ditekolo tsa nako e tlang tsa boemo, le ketso ya tlhokomelo le ditokiso tsa diphaephe. Mesebetsi e tla ba kahare kapa haufi le moo metsi a phallang le kahare ho Dibaka tsa Dihlodilweng tsa Bohlokwa (diCBA) kapa Dibaka tsa Tshehetso ya Dihlodilweng (diESA). DITLHOKO TSA SEMOLAO: NEMA le Ditaelo tsa EIA (2014, jwalo ka ha di fetotswe) di hloka diEA bakeng sa mesebetsi e meng e thathamisitsweng. Bakeng sa diphaephe tsa Sasol tse parolang GP, MP, NW, le FS, mesebetsi e latelang e thathamisitsweng e a ameha. Tsebiso ya Lethathamo ya 1Tshebetso Tshebetso 19*Ho tshelwa kapa ho beha thepa efe kapa efe e fetang 10 m3 kahara, kapa ho tjheka ka metsing, ho tjheka mobung, kapa ho tlosa kapa ho tsamaisa mobu, lehlabathe, dikgaketla, dikgaketla tse sitsweng, majwe a manyane kapa majwe a fetang 10 m3 ho tswa ka tlasa noka. Mesebetsi ena e sisintsweng e tla kenyeletsa ho tjheka le ho tlosa thepa e fetang 10 m3 ho tloha ho boholo bo hlalositsweng ba noka. Tshebetso 27*Ho hlekwa ha sebaka se fetang hektere e le nngwe kapa ho feta, empa se le ka tlase ho dihektere tse 20 tse nang le dimela tsa tlhaho. Tshebetso ena e ka qholotswa haeba dibaka tse fetang hektere e le nngwe tsa dimela tsa tlhaho di hlekwa, e leng, kahare ho dibaka tsa tshebeletso kapa mekgwabo. Tsebiso ya Lethathamo ya 2Tshebetso Tshebetso 15*Ho hlekwa ha sebaka se fetang dihektere tse 20 kapa ho feta tsa dimela tsa tlhaho. Tshebetso ena e ka qholotswa haeba dibaka tse fetang dihektere tse 20 tsa dimela tsa tlhaho di hlekwa, e leng, kahare ho dibaka tsa tshebeletso kapa mekgwabo. Tshebetso 24*Ho ntshwa kapa ho tloswa ha mobu wa mokgwabo, ho kenyeletsa tshitiso ya dimela kapa mobu ho lokisetsa ho tjheka kapa ho ntsha mobu wa mokgwabo. Mesebetsi e ka hloka ho etswa mekgwabong e nang le mobu wa mokgwabo. Tsebiso ya Lethathamo ya 3Tshebetso Tshebetso 12* (b), (c), (f), and (h)Ho hlekwa ha sebaka se fetang dimitara tse 300 tse sekwere kapa ho feta tsa dimela tsa tlhaho. Tshebetso ena e ka qholotswa haeba dibaka tse fetang dimitara tse 300 tse sekwere tsa dimela tsa tlhaho di hlekwa, e leng, kahare ho dibaka tsa tshebeletso kapa mekgwabo kapa dizounu tsa ona tsa meedi. *Ditaelo di hlwaya ka ho ikgetha dipehello thoko moo ditshebetso tse jwalo di etswang bakeng sa tlhokomelo ho latela MMP e amohetsweng. Kahoo, kopo ena ke ya diMMP eseng diEA. MONGA PROJEKE: Sasol Gas (Pty) Ltd SEBAKA SA PROJEKE: Neteweke ya Diphaephe tsa Sasol e parola ditsha tse kahara Dimmasepala tse fapaneng tsa Lehae le tsa Setereke kahare ho GP, MP, NW, le FS. MOSEBELETSI WA TEKOLO YA TIKOLOHO: SRK e khethilwe ho etsa tshebetso ya kopo ya MMP. MEMO YA HO INGODISA LE HO NKA KAROLO: Baamehi ba mengwa ho ingodisa ka la kapa pele ho la 24 Phupu 2026. Baamehi ba ngodistsweng ba tla fuwa monyetla wa ho fana ka ditshwaelo mabapi le MMP e Sisingwang. Ho dumella EAP hore e be le nako e lekaneng ho araba dipotso le matshwenyeho ka botebo, ho kgothaletswa hore le fane ka ditshwaelo esale nako. HO INGODISA, HO FANA KA DITSHWAELO, KAPA HO KOPA TLHAHISOLESEDING E EKETSEHILENG, KA KOPO IKOPANYE LE: Mr Vusi MasangoDr Laetitia Coetser +27 (0) 12 361 9821+27 (0) 12 361 9821 VMasango@srk.co.za LCoetser@srk.co.za Nomoro ya Projeke ya SRK: 628583
Reference Number: VP044324